Saturday, June 23, 2007

NKA UTLWISISI JWANG HA E MONG A SA NKENYE TSELENG?

Sotho (Halalelang)


Diketso 8:26-40

26. Yaba lengeloi la Morena le bolella Filippi, la re: Tloha, o ye nqa borwa, tseleng e tswang Jerusalema, e yang le Gasa, e leng e sa tsamauweng.
27. Yaba o tloha kapele, a ya teng. Mme a bona monna wa Ethiopia, letona le leholo la Kandase, mofumahadi wa Ethiopia, le moalosi wa marumo a hae kaofela, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela;
28. O ne a kgutlela ha habo, mme o ne a dutse koloing ya hae, a ntse a bala buka ya moporofeta Esaia.
29. Yaba Moya o re ho Filipi: Eya, o atamele koloi eo.
30. Filipi a matha, mme eitse ha a mo utlwa a bala buka ya moporofeta Esaia, a mmotsa, a re: Na o utlwisisa seo o se balang na?
31. Eo a re: Nka utlwisisa jwang ha e mong a sa nkenye tseleng? Mme a rapela Filipi hore a hlwe, a dule le yena.
32. Karolo ya lengolo leo a neng a le bala e ne e le yona ena: O huletswe hlabong jwaloka nku, hape o ne a le jwaloka konyana e semumu pela mokuti wa yona, mme ha a ka a shlamisa molomo wa hae,
33. Kahlolo ya hae e phethilwe boikoklobetsong ba hae; mme ke mang ya ka bolelang leloko la hae? Hobane bophelo ba hae bo tloswa ;efatsheng.
34. Letona la botsa Filipi, la re: Ke a o rapela, ke re, na moporofeta o bolela taba eo bakeng sa mang? Na o a ipolela, kapa o bolela e mong na?
35. Yaba Filipi o ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengololeo ho mmolella tsa Jesu.
36. Ba re ba sa tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi e leng teng; letona la re: Bona, metsi ke ana; ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetswa na?
37. Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etswa. La araba, la re: Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.
38. Yare hoba a laele hore kolo e eme, ba theohela metsing hammoho, Filipi le letona, mme Filipi a le kolobetsa.
39. Eitse ha ba tloha metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme letona ha le a ka la hlola le sa mmona; la mpa la tswele pele tseleng ya lona le thabile.
40. Haele Filipi, a tshoha a se a le Asote, mme ha a ntse a tsamaya, a bolela Evangeli metseng yohle, a ba a fihla Sesarea.

No comments: